Close

Tlong, re hateng

Sefela 121

1
Tlong, re hateng, banab’eso
Mehlaleng eohle ea Jesu
Ea jereng sefapano

2
‘Me bohle re tla ithuta
Hobane libe tsa rona
Li tshoanela tefelo

3
Utloang, Bajodi ba qosa
Lefu la Jesu ka matla
Ka khotla ha Pilato

4
Bonang, Jesu o jarisoa
Sefate see se  boima
Sefate sa topollo

5
Jonna! Jesu har’a tsela
O khathetse, ‘me o oela
Ka tlas’a sefapano

6
Joale ‘M’a hae o khahlana
Le Jesu ka tsatsi lena
La lefu le la lillo

7
Hona moo, Jesu a thusoa
Ke Simone oa Sirena
Ho jara sefapano

8
Veronika o s’a fohla
Masole ho tla hlakola
Sa Jesu sefahleho

9
Jesu o oa la bobeli
Har’a tsela ‘me Bajodi
Ba mo tsosa ka chapo

10
Jesu o re: Se keng la lla
Lona ba Jerusalema
Basadi ba molemo

11
Jesu hape a khathala
Ke la boraro a oela
Tseleng ee ea mahloko

12
Re pateng mahlo a rona
Re se boneng Jesu mona
Ea amohoang likobo

13
Eaba ba nka lithakhisa
Ba mo khokhothella thata
Holim’a sefapano

14
Joo! re fihlile moo Jesu
A shoang ka baka la batho
Ba sitetsoeng Molimo

15
‘Me Bajodi ba fanyolla
Setopo see sa Morena
Ba se busetsa ‘M’a hae

16
Josefa a nka sotopo
A se pata ka linoko
Bitleng la hae le lecha

17
Joale rona, banab’eso
Re etseng pallo ho Jesu
Ea pako le tefelo

Share with someone…