Close

U tle, uena Messia

Sefela 106

Chorus
U tle, uena Messia
U tlo re ntsha mahlomoleng
U tle ho re pholosa
Re ba u tshepileng

1
U theohe, tlo ka pele
Batho ke ba na ba eshoa
Lona lefu la bobeli
U tle uena Messia
U tlo re ntsha mahlomoleng
U tle ho re pholosa
Re ba u tshepileng

2
Oho, Ntate, se halefe
Bona meokho ea rona
Oho! tlo ho re loanela
Lihele li tlokile
‘Me li tlile ho re loantsha
Tlo, u loele lefatshe
Le se ke la fela

3
U mamele, batho baa lla
Ba buseletse letlotlo
Lee ba feletsoeng ke lona
Oho! Ba na le tshepo
U ba tshoarele, Morena
Ba folise matsoalo
Ke moo ba tla phela

Share with someone…