Sefela 64
1
U nke pelo ea ka
Oho ‘Me ea monate
E se e khathetse
E se e fokotse
Ke neng e mamela
Litaba tsa lefatshe
Kajeno e hlotse
E tla ema ruri
Chorus
Oho Mofumahali
Re se re mathela ho uena
U tla re matlafatsa
Re be ba hao ka matsatsi
2
Ho monate ho ‘na
Ho ipeha ho uena
Na nka hloka eng na
Ha u ka nkalosa?
Ke uena molis’a mosa
Re tla u mamela
Re tla u hlonepha
3
Kahohle, ka mehla
Re fumana tsietsi
Hobane lefatsheng
Li teng lira tse mpe
U etse ka matla
Oho, Mofumahali
Re phele ka ‘nete
Re le ba hao ruri
4
Mane leholimong
U ba fetile bohle
U re hopole hle
Re tle re pholohe
E tl’e re letlotlong
U re rapelle bohle
Re tle re fihlele
Setulose setle
Share with someoneā¦