Close

Tsatsi lena lea tshabeha

Sefela 105 1 Tsatsi lena lea tshabeha Le boletsoeng ke Davida, Ha lefatshe le senyeha. 2 A molumo o tshabehang, Mohla Moahloli a tlang Ho ahlola tsa ba sebang. 3 Re tla utloa phala e lla Ka nqa tsohle tsa mabitla E tla phutha ba lichaba. 4 Lefu lona le tla tsota Ha ho tsoha…

Tlo, ‘Moloki oa rona

Sefela 107 Chorus Tlo, ‘Moloki oa rona. U re folise lipelo, Tlo, Morena ea matla, Tlo ho thusa batho. 1 Na e tla be sa le re lla, Re hloka tshepo le thuso, Re phela ka matshwenyeho, Tlo, ‘Moloki oa rona, U re folise lipelo, Tlo, Morena ea matla, Tlo ho thusa batho. 2 U…

Tshepo ea rona

Sefela 78 Chorus Tshepo ea rona Ea Basotho Ke Maria Tshepo ea Lesotho. 1 Le tsebeng hle bahedene ba batho Ha le bona ‘M’a rona Maria Hoba eena ha a khese ba batsho, Ke ‘M’a lona. ‘M’a lona Bakoena. 2 Baroma hle, re emeng ka bohale Re se tshabeng ho tshepa Maria; Thuto ena ke…

Tlong le utloeng

Sefela 120 1 Tlong le utloeng banab’eso Mahlomola a tshabehang, Le tsa ho shoa ha Jesu 2 Serapeng sa Gethsemane Pelo ea hae e ratehang E n’e tlale masoabi. 3 Boning Judas ea leoatla O mo eka le ka kako; O rekisa ka eena. 4 Joale litau tse lapileng Tsa mo tshwara tsa mot lama…

Tlong bohle

Sefela 115 1 Tlong bohle; bakriste, ka thabo le thoko; Tlong bohle, tlong bohle Bethlehema Le bone Ngoana Mong’a leholimo. Tlong bohle ho adora, Tlong bohle ho adora, Tlong bohle ho adora Morena. 2 Re eena le balisa, re eeng ka phakiso Re chakele Ngoana oa Molimo. Lehana lena le ka leholimo. Tlong bohle ho…

Tlo, Moea o halalelang

Sefela 3 Chorus Tlo, Moea o halalelang, Tlo, Moea o halalelang, Tlo, Mong’a lipelo! Hotetsa lipelo tsa rona. Tlo, Mong’a lipelo! Hotetsa lipelo tsa rona. 1 Re se re tla utloa polelo tsa hao, Ke tsa ‘nete, ‘me le tsa bophelo, Li re bontsha tsela ea pholoho; Thusa, thusa re utloe thato ea hao. Thusa,…

Thoriso, Letlotlo

Sefela 128 1 Thoriso, letlotlo, Ho Jesu ea matla! Re ‘mineleng ka thabo, Ke eena Morena. Chorus O hlotse kajeno Esita le lihele; A re bineng Jesu, Re beng ba hae bohle. Alleluia! Alleluia, Alleluia! Alleluia. 2 Thoriso, letlotlo Ho Jesu ea mosa Ea hlakotseng litshito Tsa rona tse ngata. 3 Thoriso, le teboho Ho…

Thoriso, Lerato

Sefela 127 Chorus Thoriso, Lerato, hlolo, hape letlotlo, Ke lena letsatsi la batho ea ‘nete; Jesu o tsohile; lefu le se le hlotsoe; Ho eena le Maria ho bineloe lithoko. 1 Jesu o tsohile, o tsohile bafung Ka letsatsi lena kamoo a n;a boletse, E, Morena Jesu, Monghali oa lefatshe A ka sitoa ho lula…

Thota ena

Sefela 19 1 Thota ena ke thota e khethiloeng Ka sebele ke ntlo ea Molimo Le  menate eohle ea leholimo Ke hona moo re e abeloang teng Chorus Oho! bohobe ba bophelo Ka uena ke tla ba lehlohonolo 2 Khutsang, lona hle, libopuoa tsohle O teng ruri Mong’a leholimo E, ke Eena, ke mona ka…

Tlong, re hateng

Sefela 121 1 Tlong, re hateng, banab’eso Mehlaleng eohle ea Jesu Ea jereng sefapano 2 ‘Me bohle re tla ithuta Hobane libe tsa rona Li tshoanela tefelo 3 Utloang, Bajodi ba qosa Lefu la Jesu ka matla Ka khotla ha Pilato 4 Bonang, Jesu o jarisoa Sefate see se  boima Sefate sa topollo 5 Jonna!…