Close

Makhotla

Sefela 82 1 Makhotla a leholimong A binela ka thabo ‘M’ a rona a leng letlotlong Re kopaneng hammoho! Chorus Oho Maria, oho ‘M’ a rona, Bana ba hao ka thabo Oho Maria, oho ‘M’ a rona, Ba u binela thoko: Ave! Ave! Ave! 2 Har’a tsietsi tse ngata, Tse teng mona lefatsheng, U re…

Letsatsi la kajeno

Sefela 40 Letsatsi la kajeno ha le se le likela, Oho pelo ea Jesu, ke tla ho uena. Ka mehla le mehla u tla ba tshepo ea ka; Ke moo ke u ballang lerato le matla, Lerato le matla. Chorus Mamelang hle, mamelang hle, mamelang hle Mangeloi a Molimo, Utloang bohle, utloa bohle, Utloang bohle,…

Letlotlo lohle

Sefela 48 1 Letlotlo lohle le isoe Ho Kriste Morena, Ka nako tsohle le hohle Ke batho kaofela. Chorus Oho Kriste Moren’a mosa, Busa tsohle lipelo; Kelello le eona thato, Re u neha tsona. 2 U filoe lichaba tsohle Ho ba lefa la hao A li ke li u mamele, Ka tsohle linako. 3 Li…

Lenyalo

Sefela 101 1 Lenyalo ke Sakramente E behiloeng ke Kriste; Ke boitlamo bo thata, Bo se nang ho lokolloa. Chorus Ba thuse, oho Morena, Ho phetha kano tsena; Le ho jara ka mamello, Boima ba lenyalo. 2 Ak’u hlohonolofatse Banyali bana, Kriste! Ba kenang tlamong tse thata, Ba thuse hle ba tiee. 3 U n’u…

Lefu la Sefapano

(Misteri ea 1) Serapeng sa Getsemani Jesu a batla a e-shoa, A nts’a hlomohile hamper Ke melato ea rona; Likhororo tse joaloka Marotholi a mali Tsa keleketla ho eena ‘Me tsa rothela fatshe. (Misteri ea 2) Oho lona babolai Lesang ho otla Jesu: Na le mo etsetsa’ng hampe? Ha a na le molato. Ke lona,…

Le nteseng

Sefela 68 Le nteseng ke be inotshi, ‘Me ke tla itelela Ka baka la matlokotsi, A Jesu Moren’a ka; Joale ke se ke habela Ho phelela Molimo, Hobane o na re shoele

Lena ke letsatsi

Sefela 133 1 Lena ke letsatsi la hlolo La letlotlo la Morena, Ke mokete oa nyolohelo Ea molopolli oa rona. Mosebetsi o phethahetse ‘Me o re ntshitse tahlehong. ‘Me joale o siea lefatshe O boela leholimong. 2 O fetile har’a mahloko Nyefolo le mahlomola; O fetile har’a litshomo Tsa lefu le tsa lebitla. Bohle ba…

Kriste Morena

Sefela 49 1 Kriste Morena oa rona Ea re ratang haholo E leng Morena oa tsohle Tse leng teng lefatsheng lohle. Chorus Kriste Morena oa rona U re thuse ho u rata, Re tla u balla thata Botshepehi ba mehla 2 Morena, re tla b aba hao, Ka mehla le kahohle, Hoba u Mor’a Molimo…

Kriste ke Morena

Sefela 209 1 Kriste ke Morena oa rona Re Thaba ha re mo hoopla Re batla eena linthong tsohle. O tla busa o tla hlola. Chorus Re batla Kriste hohle Re phelela eena O tla rena mafatsheng ‘ohle Hoba ke eena Morena Hore a buse pelo tsohle Rona re tla mo loanela. 2 Re batla…