Sefela 209
1
Kriste ke Morena oa rona
Re Thaba ha re mo hoopla
Re batla eena linthong tsohle.
O tla busa o tla hlola.
Chorus
Re batla Kriste hohle
Re phelela eena
O tla rena mafatsheng ‘ohle
Hoba ke eena Morena
Hore a buse pelo tsohle
Rona re tla mo loanela.
2
Re batla Kriste chabeng
A rene metseng, metsaneng
Re ‘matla malapeng a rona
A hlohonolofatse ‘ona.
3
Re batla Kriste mesebetsing
Mahlomoleng, litsietsing
Re ‘matla hape le phomolong
Mahlohonolong, katlehong.
4
Re batla Kriste Thato ea hae
Kajeno hosasa ka mehla
Re batla le melao ea hae
Mo khahlise, mo tlotlise.