Close

Lena ke letsatsi

Sefela 133
1
Lena ke letsatsi la hlolo
La letlotlo la Morena,
Ke mokete oa nyolohelo
Ea molopolli oa rona.
Mosebetsi o phethahetse
‘Me o re ntshitse tahlehong.
‘Me joale o siea lefatshe
O boela leholimong.

2
O fetile har’a mahloko
Nyefolo le mahlomola;
O fetile har’a litshomo
Tsa lefu le tsa lebitla.
Bohle ba khumamela Jesu
Leholimong le lefatsheng
O busa mangeloi le batho
Ka borena bo sa feleng.

3
Ha e se e fihlile nako
Barutuoa ba ea thabeng;
Eare ba sa le thabeng eno
A fihla Kriste hona teng,
A ba bolella tsa qetello,
A ba hlohonolofatsa,
‘Me a nyolehela holimo
Mahlong a bona kaofela.

4
Jesu ha a se a liketse
Barutuoa ba sa sheba
Lipelo tsa bona li tletse
Hlolohelo ea Morena
Lengeloi la hlaha ho bona,
La re: le theohe thabeng
Joaloka ha le sa tsoa ‘mona
O tla khutlela lefatsheng.

5
Jesu a ke ke a lebala
Bao a ba sieang lefatsheng
O ne a ba tshelisa joana:
Ke tla le nkela moo ke eang.
Ke tla le lokisetsa tulo,
‘Me Moea o Halalelang
O tla tla ho lona ka moso
Mo lebelleng ‘me rapelang.

6
Jesu Molopolli ea matla!
Re ntshe har’a meleko,
Har’a mefokolo le lintoa.
Re tshepile thuso ea hao;
Re boloke etong la rona
Lefatsheng lena le khopo,
‘Me nakong ea rona ea ho shoa
Re bulele leholimo.

Share with someone…