Close

Oho ‘M’ a rona Maria

Sefela 66

Chorus
Oho ‘M’a rona Maria
U tle u re loanele,
U tle u re thuse
Kamehla le mehla
U re thuse
Ka matsatsi ‘ohle.
Kahohle ke lintoa
Tse tsosoang ke lihele
Hore li hape meea
E tlang ho hlorisa.

1
‘Me ke se ke ka lahleha!
Oho, uena tshepo ea ka,
U tl’u nkemele kamehla,
‘Me, ke se ke ka lahleha…
U mpe u nthuse ka matla.

2
‘Me, lira tsa rona
Li ntse li batla meea
Ke ho pota lefatshe
Li atisa sebe.
‘Me, ke se ke ka lahleha…

3
Ke bone selemo
Se setsho, ‘me sa mollo.
Na qalo eo ke ea’na na?
Hoba ea tshabeha.
‘Me, ke se ke ka lahleha…

4
Hape teng ke bone
Makhotla a bohale
A ba roakang Molimo.
Ba se nang tshwarelo.
‘Me, ke se ke ka lahleha…

5
Mong’a ‘muso ona
A se le ka bothata
O iketla ka lillo
Tse bakoang ke mollo.
‘Me, ke se ke ka lahleha…

6
Lisatane li re:
Lona meea e mebe
Le ile la qekisoa
Ka tse fetang feela.
‘Me, ke se ke ka lahleha…

7
Joale kotlo tsena
Ke tse se nang ho fela,
Rona bohle bakriste,
Re ke re li tshabeng
‘Me, ke se ke ka lahleha…

Share with someone…