Close

Oho ‘M’ a Jesu

Sefela 62

1
Oho ‘M’a Jesu maria
Lineho tsa hao tse monate
Li hlomola pelo ka ‘nete
Re ke ke ra li lebala:
‘Me pelo tsa rona khapo ea Jesu
Ke tsona tseo re u fang kajeno.

Chorus
Ho koeneha
‘Me ea ratehang
Hase taba,
E ka bonoang.

2
Boning, hohle ho chehiloe
Bohloeki boo re nang le bona;
Khopiso re tla e fumana
Ha re ea ho banyefoli,
Oho, Maria, bohloeki kamehla
E tla ba maikutlo a rona.

3
Re hlorisoa ke lefatshe
Hoba ha re sa le ba lona;
Le phehelletse ho re senya
Re be bakriste ba babe;
Empa bohale ba lihele tsohle
Bo tla qhalana tu pel’a hao, ‘Me.

4
‘Me e tla ba joang nyakallo
Mohla bana ba hao ba fihlang
Ba hlotse lintoa tse tshabehang,
Ba roetse mefapahloho!
Ba tla bina, ban a le Ntat’a bona.
Lineho tsa hao ka ho leboha.

Share with someone…