Close

Oho uena Jesu

Sefela 38 Chorus Oho uena, Jesu, u re utloe, Ba ahileng Lesotho, U ba pholose hle! 1 E, Morena rea tseba ka ‘nete, Pelo ea hao e rata Basotho; Ponahatso e ‘ngoe ha re e hloke, Oho Jesu! Re bone kajeno. 2 Ke eona he tshepo e ntle ea rona, Ha re tlile ka tlung…

Oho uena Josefa

Sefela 91 1 Oho uena Josefa, Ea leng ntat’a rona, Re ipeha ho uena, U tla re boloka. Chorus Ntat’a rona, u re utloe! 2 U n’u boloka Jesu Hona moo lefatsheng, U boloke le batho Hohle litsietsing. 3 Le ho sera se khopo, U n’u malehise, A ko u etse joalo Ha re oela…

Oho, uena ea leng maholimong

Sefela 142 1 Oho, uena ea leng maholimong, Uena Ntate, Molimo oa rona, U talime bana ba hao ka mosa Ke bona ba phuthehang thapelong. 2 Lebitso la hao le halalelang Ho se be ea tlaelang ka lona; Le hlonepshoe ka lifubeng tsa rona Le rapeloe ke ba sa lumeleng. 3 Ke uena Mong’a rona…

Oho! Re bineng

Sefela 27 1 Oho! Re bineng lineho tsa Jesu ea mosa! Oho re bineng! Li monate, ‘me li ngata. Eena o itlisitse lipelong tsa rona: Oho! e joang menate ea ho amohela. Chorus Oho! Re bineng lineho tsa Jesu ea mosa! Oho! Re bineng li monate ‘me li ngata. 2 Oho Morena! Ke u adora…

Oho Pelo e nolo

Sefela 44 1 Oho, pelo e nolo, Ea ‘Moloki oa rona, Mamela lithapelo Ha re tlile ho uena. 2 Jesu, uena ea matla, ‘Moloki oa lefatshe, Re fe ka mehla matla A ho tlohela tse mpe. 3 Pelo ea hao, Morena, E be thebe ea batho, Pholoho le seliba, Seliba sa mehlolo. 4 Oho Pelo…

Oho! Nako

Sefela 30 1 Oho nako e bokhabane Ruri o s’a tlile Jesu Ke ‘Moloki oa batho bohle Mosa oa hae o moholo. Chorus A re roriseng, a re leboheng, Lerato le fetisisang, E! ka tumelo binang lithoko. Tsa Molimo ea ratehang, Tsa Molimo ea ratehang, 2 Mona, setulong sa lerato O tshelisa hamonate, Joale o…

Oho Movirigo Maria!

Sefela 63 1 Oho Movirigo Maria, Re se re tlile ho Uena, Utloa lifela tsa rona Rea u boka, oh ‘M’a rona Chorus Mofumahali oa leholimo Inkele meea ea rona, U e hotetse ka lerato, U e nehele Morena. 2 Bitso la hao, oho Maria, Le thabisa hamonate Ka hanong ke linotsi. Le ngoloe ka…

Oho Movirigo ea hloekileng

Sefela 53 1 Oho Movirigo, Ea hloekileng, Ea se nang sekoli. Chorus Utloa thapelo Ea ban aba hao, Utloa, utloa, ‘M’a rona. ‘me ea ratehang, ‘Me ea makatsang, Ea matla leholimong. 2 U mosireletsi Ea tshepehang, Ea tletseng mosa ruri. 3 U re namolele Lintoeng tsohle Tsa rona le e mobe. 4 U hlokile sebe…

Oho! Monna

Sefela 90 1 Oho! Monna ea tshepehileng Oa Maria ea hloekileng, Molebeli oa Ngoana Jesu Ea bokhabane haholo, Mopatriareka ntat’a rona, Setloholo sa marena, Bolebeling ba hao bo matla Kajeno rea ipeha. Chorus Bakriste hopolang Josefa, Le ithabeleng ka eena; Le lona mangeloi le tlatse Ka fela tsa lona tse ntle. 2 Ka mohlomong eena…

Oho Moea oa Molimo

Sefela 166 1 Oho moea oa Molimo, Motshelisi oa lipelo! Ak’u re etele bohle Ka bongata ba lineho. 2 U re bonesetse hantle Ho mamela likhothatso Tlosa mehopolo eohle E sollang meeeng ea rona. 3 Re nosetse ka grasia E leng metsi a cheseho Re tle re hlahise hantle Tholoana tse molemo. 4 Re emise,…