Close

Oho uena Jesu

Sefela 38

Chorus
Oho uena, Jesu, u re utloe,
Ba ahileng Lesotho, U ba pholose hle!

1
E, Morena rea tseba ka ‘nete,
Pelo ea hao e rata Basotho;
Ponahatso e ‘ngoe ha re e hloke,
Oho Jesu! Re bone kajeno.

2
Ke eona he tshepo e ntle ea rona,
Ha re tlile ka tlung ea Molimo;
Re tsebile hoba u tla re utloa;
Oho, Jesu! re etsa thapelo.

3
Kajeno hle, u talima Basotho:
Ba bangata ba sa le mafifing,
Ba sa lutes matsohong a Ra-lefu,
Oho Jesu! ba kene leseling.

4
Ba bang ba teng, bona ke bakhelohi
Ba thetsitsoeng ke sera sa batho,
Le bona hle, u ba tsebise ‘nete,
Oho Jesu! ba lahle mashano.

5
Pelo ea hao e soabile ka ‘nete
Hoba ba bang e n’e le bakriste,
‘Me joale ke bakoenehi ba babe;
Oho Jesu! U ba khutlise hle.

6
Le mohlapeng o nang le botshepehi
Linku tsa hao li loke tsohle,
Hoba tse ling ke tse sa tshabeng sebe;
Oho Jesu! tsena u li khanne!

7
Kaofela batho rea fokola.
Meleko e re lihela fatshe.
Pelo ea hao e tla re matlafatsa;
Oho Jesu! re tiee ka ‘nete!

8
Oho, uena Morena ea leng mohau!
pelong ea hao u re amohele!
Teng re tla ba ruri Basotho ba hao,
Oho Jesu! ho se ho felile

Share with someone…