Sefela 131
Chorus
Alleluia! Alleluia! Alleluia!
1
Utloang bara le barali,
Jesu ka lena letsatsi,
Bafung o tsohile ruri. Alleluia!
2
Salome le ‘m’a Jakobo,
Le khaitseli ea Lazaro,
Ba ea ho tlotsa setopo. Alleluia!
3
Barutuoa ha ba utloa
Ka Maria Magdalena,
Ba ea ho bona lebitla. Alleluia!
4
‘Me Joannes ka sebele,
A hl’a siea Piterose,
A fihla lebitleng pele. Alleluia!
5
Bolellang Baapostola:
Jesu ha a sa le mona,
Le tla ‘mona Galelia. Alleluia!
6
Moo ho lutseng barutuoa.
Ha hlaha Kriste ka nama,
A re: Khotso hle ho lona. Alleluia!
7
Thomas a utloa mohlolo,
Oa ea Moren’a hae tsoho,
A mpa a hloka tumelo. Alleluia!
8
Bona, Thomas, bona pelo,
Bona, matsoho le maoto,
‘Me u tlose pelaelo. Alleluia!
9
Thomas a bona maqeba,
A khumamela Morena,
A re: U Molimo oa ka. Alleluia!
10
Ruri ba lehlohonolo,
Bona ba nang le tumelo,
Ba tla fumana bophelo. Alleluia!
11
Ka mokete oa Paseka,
Ithabeleng koafela,
‘Me le leboheng Morena. Alleluia!
12
A re leboheng Molimo.
Ka baka la ligrasia
Tseo a re fileng tsona. Alleluia!