Sefela 79
Chorus
Oho Maria,
Tshepo ea bona
Ba hlokang tshepo leoatleng,
Le sekepana
Sena sa rona
U se ise mane botleng.
1
Kamehla ke tshaba
Sefefo se setsho;
Ho uena kea lla
Ke u fa pelo.
2
Ke bona boliba
Bongata ba metsi
Ke ntse ke talima
Ea ka naleli.
3
Lefika ke lena
Ka tlase ha metsi;
Ke bitsa Maria
Hoba ke kotsi.
4
Hangata re bona
Re le pel’a lefu;
Ka hona re bitsa
Uena le Jesu.
5
Naleli e tshepjoang
Leetong la rona,
Ke uena Maria
Ho rona batho.
6
Leoatle le letle
Ha le eo lefatsheng
Oho hle! Le tshabe,
Le tshabe kotsi.