Close

Oho Jesu, Moren’a mosa

Sefela 140

1
Oho Jesu Moren’a mosa
Rato la hao le le ka kang!
Ke uena ea tlileng ho rona
Na re tla u  leboha joang

Chorus
Binang kajeno
Morena Jesu!
Hoba ke lena letsatsi la hae
Binang ka thabo
Binang Molimo

2
O lutse setulong se setle
O tlile ho re tselisa
A re mo atameleng bohle
A re eeng ho mo adora

3
Re mo lateleng ka tumelo
Hoba ke Jesu ka ‘nete
Ke Morena oa leholimo
Ea tlileng ho ba lefatshe

4
Ke ntat’a batho; re a tseba
Mohau oa hae o moholo
O ntse a re utloa ka mehla
Ha re mo joentsha lipelo

5
Libopuoa tsohle hammoho
Li rorisa Mong’a tsona
Bohle re tumiseng letlotlo
La Jesu ea tlang ka mosa

Share with someone…