Close

Utloang bohle

Sefela 113

Chorus
Utloang bohle!
Balisana; tsohang kapele,
Molimo o theohile
Ho ka ba hobe ho robala
Tsohang! Jesu o thehile.

1
Ke eena mong’a lintho tsohle
O hopotse ba lefatshe;
O s’a tla re pholosa bohle
Re se ke ra shoela sebeng.

2
Pholoho ena ke ea ‘nete:
O ntse a tshwana le rona;
O nkile bopeho sa sebe,
Ho se lefela ka matla.

3
Ha a qala feela ho phela
O qala ho ba bohlokong;
O tla tsamaea tseleng ena
Ka mehla ho isa lefung.

4
Letlotlo le be ho Molimo
Lefatsheng le maholimong,
A re leboheng hle lerato
Le sa fetoeng ke la e mong.

Share with someone…