Close

Tshepo ea rona

Sefela 78

Chorus
Tshepo ea rona
Ea Basotho
Ke Maria
Tshepo ea Lesotho.

1
Le tsebeng hle bahedene ba batho
Ha le bona ‘M’a rona Maria
Hoba eena ha a khese ba batsho,
Ke ‘M’a lona. ‘M’a lona Bakoena.

2
Baroma hle, re emeng ka bohale
Re se tshabeng ho tshepa Maria;
Thuto ena ke thuto ea sebele;
Ke Maria thebe ea Baroma.

3
Ha le utloa tsa Maria kajeno,
Etsang pallo ea ho mo hlonepha.
Le lahleng tsa bahedene lithatho
Tshwantsho sa hae ke thatho ea rona.

4
Re qetella ka ho kopela batho
Thuso tsa hao, hoba re tshoha
Ha re bona sechaba sa Lesotho
Se sa tsebe thoko tsa Maria.

Share with someone…