Close

Tsatsi lena lea tshabeha

Sefela 105

1
Tsatsi lena lea tshabeha
Le boletsoeng ke Davida,
Ha lefatshe le senyeha.

2
A molumo o tshabehang,
Mohla Moahloli a tlang
Ho ahlola tsa ba sebang.

3
Re tla utloa phala e lla
Ka nqa tsohle tsa mabitla
E tla phutha ba lichaba.

4
Lefu lona le tla tsota
Ha ho tsoha libopuoa
Tse phuthetsoeng ho ahloloa.

5
Joale buka e tla tlisoa
Moo ho ngotsoeng ketso tsa ka;
‘Me tsohle ke tla li botsoa.

6
Moahloli o tla lula;
Tse patiloeng li tla hlaha,
Ho se letho le tla sala.

7
Ke tla re’ng, ke le mohloko?
Ke batle kae moemeli,
Ha ho tshoha le ‘moloki!

8
Oho! Morena oa ho loka,
Ea pholosang batho feela,
Ka mohau nthuse le ‘na.

9
Hoopla hle, Jesu oa ka,
U tsoaletsoe ho mpholosa
U se ntahle tsatsing lena.

10
Ka ho mpatla, ua khathala
Ua ntopolla ka ho nchoela,
Na u shoetse lefeela na?

11
Moahloli oa phetheho
Mphe grasia ea tshwarelo,
Pele ho ea potso nako.

12
Ka molato kea inyatsa,
Sefahlehong kea fubeloa,
U ntshwarele Moren’a ka.

13
Ua lokolla Magdalena,
Le lesholu ua le utloa
‘Me u ile ua ntshepisa.

14
Kea rapela, kea fokola.
Empa uena, etsa mosa,
U se nkise mollong ho cha.

15
Mpehe tsohong le letona.
Har’a linku tsa Morena,
Lipoling ke se ke ka baloa.

16
Ha ba khopo ba akheloa
Liheleng le bademone,
U mpitsa le bakhethuoa.

17
Ke kopa ka nyenyefalo,
Ka pelo e tletseng soabo,
Nthuse tsatsing la bofelo.

18
A letsatsi la meokho
Ha motho oa mefokolo
A tla bona moahloli.

19
Mo tshwarele, oho Morena,
Le uena Jesu ea mosa
Ak’u mo fe ho phomola.

Share with someone…