Close

Tsatsi le teng

Sefela 104

1
Tsatsi le teng la kahlolo
La bohale le la tshabo
La phethetso ea Molimo

2
Re tla utloa phala e lla
Ka nqa tsohle tsa mabitla
E tla phutha ba lichaba

3
Fatshe lena le tla tsota
Lefu lona le tla soaba
Hoba bafu ba tla tsoha

4
‘Me mabitla a tla buloa
Le masapo a kopane
Batho bohle ba tla phuthoa

5
Ho tla ba joang ha ke bona
Moahloli a nts’a e-tla
Ho re qosa le ka thata

6
Buka joale e tla tlisoa
Moo liketso tsee tsa rona
Li tla baloa ke Morena

7
Joale pontsheng li tla hlaha
Taba tsena tse mpe feela
Tse patiloeng ha re phela

8
Moemeli re tla batla
Ea ka tsebang ho re tlatsa
Empa o tla hlokahala

9
Ke moo Jesu a tla beha
Linku tsohong le letona
Poli tsona li tla lahloa

10
Ke utloa lentsoe le thata
Tlohang ho ‘na tlohang lona
Le eeng mollong, le eeng ho cha!

11
Lentsoe le leng le bolela
Le tleng ho ‘na bana ba ka
‘Musong oa ka ho phomola

12
Sefapanong ua pholosa
Lesholu le shoang le uena
Oho! Jesu, nthuse le ‘na!

Share with someoneā€¦