Close

Tlotlo le be ho Molimo

Sefela 165

1
Tlotlo le be ho Molimo
Ea busang maholimong
Khotso e be teng lefatsheng
Ho batho ba lokileng
Re u boka ka thabo
Re phehella thorisong
Gloria! Gloria! in excelsis Deo!

Re ntse re u khumamela
Ka tumelo e phelang
A re rosiseng Molimo
Tebohong e sa feleng
U mohloli e moholo
Ea busang maholimong
Gloria! Gloria! in excelsis Deo!

Jesu mora oa Molimo
U konyana e tlosang
Libe tsa lefatshe lohle
Re batla ho u rata
U re hauhele bohle
Ba llang mona lefatsheng
Gloria! Gloria! in excelsis Deo!

Share with someoneā€¦