Close

Tlo, ‘Moloki oa rona

Sefela 107

Chorus
Tlo, ‘Moloki oa rona.
U re folise lipelo,
Tlo, Morena ea matla,
Tlo ho thusa batho.

1
Na e tla be sa le re lla,
Re hloka tshepo le thuso,
Re phela ka matshwenyeho,
Tlo, ‘Moloki oa rona,
U re folise lipelo,
Tlo, Morena ea matla,
Tlo ho thusa batho.

2
U re bolelletse ruri
Hore u tla re pholosa,
U tla romela Messia
Re ntse re na le tshepo.
Hoba re ba hao ka ‘nete;
Re tlisetse pholoho,
Ho khanye letsatsi.

3
Oho Ntate, u re utloe,
Re se nyahame pelo
Rea u bitsa kajeno.
Re tshepile uena hle!
U tle ho rona kapele
Rea u bitsa bohle
U utloe, ‘Moloki.

4
Tlo u hlole lira tsohle
Tse re loantshang ka matsatsi;
Tse hlahisang litsietsi;
Re beha tshepo eohle
Matsohong a hao, Messia
U tle u re loanele
Re phele ka uena.

Share with someone…