Close

Tlo ho rona

Sefela 2

1
Tlo ho rona Moea o halalelang
Tlo uena  ea re bopileng
Chesa chesa  ka mollo oa lerato
Lipelo tsa bana ba hao

Chorus
Tlo ka pele, U halaletse
Tlisa khotso, le lerato
Neho e ntle, mollo o matla
U hloekise pelo tsohle

2
Tlo ho rona, re tlisetse leseli
Re tiee tseleng ya ‘nete
‘Me re hloee sebe, sera sa rona
Re rate Molimo feela

3
Tlo ho rona, uena Moea o matla
Re thuse ha re rapela
U matlafatse lipelo tsa rona
Ha re batla re fokola

4
Tlo ho rona u hlole matla ‘ohle
A lira tsa fatshe lena
Le a tse tsoang mafifing a lihele
Kapa a pelong tsa rona

Share with someone…