Close

Thota ena

Sefela 19

1
Thota ena ke thota e khethiloeng
Ka sebele ke ntlo ea Molimo
Le  menate eohle ea leholimo
Ke hona moo re e abeloang teng

Chorus
Oho! bohobe ba bophelo
Ka uena ke tla ba lehlohonolo

2
Khutsang, lona hle, libopuoa tsohle
O teng ruri Mong’a leholimo
E, ke Eena, ke mona ka tumelo
Sefubeng sa ka ke mo kukile

3
Oho! Jesu, ana ho ntlhahela kae
Ke eteloe ke Molimo oa ka
U tlile ho nkhothatsa le ho mphepa
Lerato la hao le ‘makalitse

4
Oho! Ntate, ke tla u boka joang na
Hobane u nthatile hakale!
Pelo ea ka, ke u fa eona eohle
Amohela hle teboho ea ka

5
Ho felile! Ke se ke le oa Jesu
O lula ho ‘na, le ‘na ho eena
‘Me ke se ke tla mo phelela feela
Oho! Kabelo ea ka e kholo

Share with someone…