Close

Thoriso, Lerato

Sefela 127

Chorus
Thoriso, Lerato, hlolo, hape letlotlo,
Ke lena letsatsi la batho ea ‘nete;
Jesu o tsohile; lefu le se le hlotsoe;
Ho eena le Maria ho bineloe lithoko.

1
Jesu o tsohile, o tsohile bafung
Ka letsatsi lena kamoo a n;a boletse,
E, Morena Jesu, Monghali oa lefatshe
A ka sitoa ho lula lefung.

2
E sa le ka meso mangeloi a matle
A fihla lefatsheng, ‘me a lula lebitleng;
A re ho basali: Bolellang barutuoa,
Le re, Morena o tsohile.

3
Na Mor’a Molimo ea se nang le sebe
A ka tlamuoa joang ka litlamo tsa lefu?
Lefu le tshwanela batho ba molato,
Ke kotlo ea bona kannete.

4
Jesu o tsohile, re se re utloile
Barutuoa ba hae, re ke re beng le tshepo,
Re tla tsoha ruri ka tsatsi la bofelo,
Ha re phetha melao eohle.

Share with someone…