Close

Re lumelloe ‘Me

Sefela 141

Chorus
Re lumelloe, ‘Me ea monate,
Ho ea le uena ha eno;
Re thusoe re fihle kapele
Moo u lutseng le Jesu.

1
U lutse setulong se setle
Har’a mangeloi a Jesu
U phahamisitsoe kannete,
Re hopole rona batho.

2
Re lutse lefatsheng le lebe
Har’a licheho tse ngata.
Re ntse re le baetsalibe.
U se ke ua re tlohela.

3
Mangeloi mane leholimong
A bina lithoko tsa hao.
U le mofumahali ‘musong,
U re fumanele mohau.

4
Re thetsoa ke lira tsa rona,
Re fokolisoa ke tsona;
Li re supisa masaoana
Re fe matla ho li hlola.

5
Ka mehla u tla ithabela
U tla lula pel’a Jesu,
‘Me le uena u tla laela
Hore re kene haeso.

6
Moo le rona re tla u boka,
Re ithorise ka uena,
Re tsejoe ka mehla le mehla
Hoba re ba hao Maria.

Share with someone…