Close

Re lehlo’nolo

Sefela 67

1
Re lehlo’nolo har’a batho
Rosary e halalelang
E re tlamile ho ‘M’a Jesu
Ka mokhoa o halalelang.
Re tla etsa hantle Rosari:
Ha molomo o rapela
Pelo e tla ‘ne e hopole
Tsa Jesu le tsa Maria.

2
Nako ea mohau e fihlile,
‘Me Molimo a romela
Lengeloi la hae Gabriele
Ho Movirigo Maria;
La mo lumelisa, ‘me la re:
U tla mo emola popelong,
U tsoale Mora a inotsi
Oa Ntate ea maholimong.

3
Mohlomong Maria a tloha
A ea naheng ea maloti
A etela Elizabetha,
(Ke ‘m’a Johanne Mohlatsoi)
Eena a makala, a botsa
‘Me a re: Ho nthlahela kae?
O nketetse, ‘M’a Moren’a ka,
O ntliselitse Ngoan’a hae.

4
Eare suing bo bong bosele,
Mangeloi a tlisa thabo,
A re Bethlehema ho tsoetsoe
‘Moloki, Mor’a Molimo.
Oho Movirigo Maria
U ithabetse hakakang!
kannete, ‘Me, le ‘na ke rata
Ngoana oa hao ea ratehang.

5
Jesu a sa le monyenyane,
Movirigo a mo isa
Jerusalema, ka tempeleng
Ho mo khethela Morena.
Teng Simeoni a mo tseba,
A re: Enoa ke leseli
Le tlang ho khantshetsa lichaba,
‘Me li pholohe kannete.

6
Oho Maria le Josefa,
Joale le se belaeleng,
Hoba Ngoana Jesu ke enoa,
O phetse, o ka tempeleng,
Thusang, ‘me re tla le etsisa,
Re tla furalla lefatshe
Re batle Morena oa rona.
Re thabe ha re mo bone.

Share with someone…