Close

Oho, uena ea leng maholimong

Sefela 142

1
Oho, uena ea leng maholimong,
Uena Ntate, Molimo oa rona,
U talime bana ba hao ka mosa
Ke bona ba phuthehang thapelong.

2
Lebitso la hao le halalelang
Ho se be ea tlaelang ka lona;
Le hlonepshoe ka lifubeng tsa rona
Le rapeloe ke ba sa lumeleng.

3
Ke uena Mong’a rona u inotsi,
Ea nehang matla le ho Morena
Pelong ea ka le holim’a lichaba
Ho tle ‘Muso oa hao monate.

4
Thato ea hao e etsoe ke bohle
Kamoo ba e laetsoeng melaong
Re etsise bona ba leholimo
Ba u mamela ka pelo tse ntle

5
Re tsebe hore ua re baballa;
E, Morena, ke uena ‘m’a rona;
Le kajeno re sa kopa ho uena
Bohobe bo lekanang letsatsi.

6
Re tshwarele melato ea rona
E ka re arohanyang le uena;
‘Me le rona re tla tshwarela bohle
Re tsamaeeng mehlaleng ea Kriste.

7
Morena! Ak’u re sireletse
Har’a meleko ea bademone;
U re ntshe bobeng, u re ise botleng
Leholimong, khotsong e sa feleng.

Share with someone…