Close

Oho Pelo ea Jesu

Sefela 41

1
Oho Pelo ea Jesu
Prlo ea Morena
E monate e matla
Oho Pelo ea Jesu
O  re amohele kajeno

Chorus
Rona bahlanka ba hao Morena
U re fe matla re tla u sebeletsa
Re u rorise ka ketso tse ntle
Ho fihlela lefu la rona

2
Oho Pelo ea Jesu
Re ntse re tsekisoa
‘Me re loantshoa ke lira
Oho Pelo ea Jesu
U re sireletse kajeno

3
Oho Pelo ea Jesu
Re ntse re fokola
Re ema har’a tsela
Oho Pelo ea Jesu
U re matlafatse kajeno

4
Oho Pelo ea Jesu
Re na le melato
E silafatsang pelo
Oho Pelo ea Jesu
Tlo, u re hloekise kajeno

5
Oho Pelo ea Jesu
Re se re tshabela
Ka ho uena Morena
Oho Pelo ea Jesu
U tla loanela kajeno

6
Oho Pelo ea Jesu
re tlile ho uena
Hoba rea u tshepa
Oho Pelo ea Jesu
Re se re le ba hao kajeno

Share with someone…