Close

Oho Pelo e nolo

Sefela 44

1
Oho, pelo e nolo,
Ea ‘Moloki oa rona,
Mamela lithapelo
Ha re tlile ho uena.

2
Jesu, uena ea matla,
‘Moloki oa lefatshe,
Re fe ka mehla matla
A ho tlohela tse mpe.
3
Pelo ea hao, Morena,
E be thebe ea batho,
Pholoho le seliba,
Seliba sa mehlolo.

4
Oho Pelo e nolo
Ea Morena oa rona,
Ka mehla re tla bina.
Mosa oa hao le thoko.

5
Re boloke, Morena,
Ka matla le ka mehla,
Re balehele sebe,
Re boloke bohloeki.

6
U rorisoe, Morena,
U rorisoe kahohle,
U ratoe fatsheng lena,
‘Me u ratoe ke bohle!

Share with someone…