Close

Oho! Nako

Sefela 30

1
Oho nako e bokhabane
Ruri o s’a tlile Jesu
Ke ‘Moloki oa batho bohle
Mosa oa hae o moholo.

Chorus
A re roriseng, a re leboheng,
Lerato le fetisisang,
E! ka tumelo binang lithoko.
Tsa Molimo ea ratehang,
Tsa Molimo ea ratehang,

2
Mona, setulong sa lerato
O tshelisa hamonate,
Joale o re tlisetsa khotso
E, khotso ea paradise.

3
Che, lialuma tse tshabehang
Mona ha li utloahale;
Matla a hae a fetisisang
A patiloe ka sebele.

4
Bana, re ke re atameleng
O rata pelo tsa rona.
Oho hle, e be tse hloekileng.
Li se ke tsa silafala.

5
Lebitso la hae le leholo
Le ke le tumisoe hohle
Le borena ba hae kajeno
Bo tsejoe ‘me bo tlotlisoe.

Share with someone…