Close

Oho lona kaofela

Sefela 39

1
Oho lona kaofela
Ba tsamaeang Tseleng,
Le ke le eme mona.
Le ke le lekanye;
Na bohloko bp teng na
Bo tshwanang le ba ka.

Chorus
Oho pelo ea Jesu!
Kea u rapela,
Morena oa lipelo,
U buse ka ho ‘na

2
Bana ke ba fepile
Ka matsatsi-tsatsi,
‘Me ke ba bolokile:
Hantle hamonate:
Ke kotula nyefolo
Bakeng sa thabo.

3
Ha ke ba fa lithuso,
Ke ba fa grasia,
Bona ha ba re letho
Ka lineho tsa ka,
‘Me ke fumana hloeo
Bakeng sa lerato.

4
Ke re ke tla fumana
Tsatsing la kajeno,
Ea ratang ho ntshelisa
Mahlokong a pelo:
Ke qamaka kahohle
Baa ntatola bohle.

5
Ke bu bulela pelo,
Ba kene ho eona:
Oho, hle lona batho,
Le hanela eng na?
Le ithatafatsa’ng?
Le tla utloa neng na?

6
Oho Pelo ea Jesu
Ho se ho felile.
Re a khutla kajeno:
U re emele hle.
A ko u re tshwarele,
Re re re bakile.

Share with someone…