Close

Oho ke khotso

Sefela 20

1
Oho ke khotso e kakang ka ho ‘na
Ke nyakallo e monate-nate;
Ke sa tla amohela Molimo oa ka,
Tlohang ho ‘na lona ba lefatshe.

Chorus
A se le thabo, lehlohonolo;
Aletareng, o s’a tlile Jesu,
‘Me pelong ea ka
Ka tsatsi lena
Ke tla mo amohela
O s’a e-tla,
Jesu Moren’a ka,
Jesu Moren’a ka.

2
Oho Morena, ka ‘nete ke lumela
Hobane ke uena ka sebele:
Leha bohobe bo patile borena,
Jesu o teng, ha ke belaele.

3
Empa joale mohopolo o thata
O s’o hlahile ka moeeng oa ka:
Oho Morena nkile ka u soabisa;
Na ke tla u amohela joang na?

4
Oho lona Mangeloi a Molimo,
Le tle ho ‘na le ntlhoekise pelo;
Ak’u nthuse hle, le uena Movirigo,
Ke amohele hantle kajeno.

5
‘Me u tlatse litakatso tsa ka,
U tle kapele, Oho Jesu oa ka,
Hoba ke nyoretsoe metsi a bophelo
A fumanoang Sakramenteng ea hao.

Share with someone…