Close

Oho Jesu, ha re tlile

Sefela 45

1
Oho Jesu ha re tlile ho uena
Re tlisitsoe ke lerato la hao
Re imetsoe ke litshito tse ngata
U re amohele hle ka mohau

Chorus
Bana ba hao oho pelo ea Jesu
Ba u hloka ka nako tsohle
Ba lutse melekong e meholo
Oho Morena u ba thuse

2
Oho Pelo e nang le khalalelo
U hloekise lipelo tsa rona
Ka uena li ke li fumane khotso
Ha li se li hlakotsoe litshila

3
Oho Pelo e tletsoeng ke lerato
E re ratileng ka ho fetisa
U re nehe lerato la Molimo
Re kopane le Eena ka mehla

4
Oho Pelo e boikokobetso
U re rute taba eo e thabo
Re ikokobetse, le teng ka thabo
Re tle re phahamisoe ke uena

5
Oho Pelo e ratileng mamelo
E re shoetseng e ntse e mamela
U re rute ho utloa litaelo
Leha e le melao e thata

6
Oho Pelo e tsebileng tefelo
E lefelang melato ea rona
U re rute ho hloea maiketlo
A isang motho tahlehong feela

7
Oho Jesu ea ruileng bophelo
Rea u tshepa, rea u rata
U re kenye ‘musong oa leholimo
Re phele teng ka mehla le mehla

Share with someoneā€¦