Close

Oho bana beso, lipolelo

Sefela 60

1.
Oho banabeso, lipolelo tsa rona
Li se li utloiloe joale ke Maria,
‘M’a Mor’a Molimo ore amohetse,
O re entse bana ba hae ka sebele.

Chorus
Re bana ba hae, rese re ikanne,
Ha re iketsise re inehela eena
Mangeloi le batho bohle ke lipaki,
Re tla loantsa Satan- Re tla loantsa Satan-
‘Me re rate Maria

2.
Ha nka u lebala, uena ‘Mé ea monate
Ho khutse leleme la ka, le maname,
Le letsoho la ka le omelle feela,
‘Me batho ba tsebe hore ke lekoala

3.
Leha ba lefatse mohlomong ba re thetsa
Ba re: Tlong, le utloe menate ea rōna,
Re tla hana re re: bohle le mashano;
Lipelo tsa rōna li nkiloe ke Jesu.

Share with someone…