Sefela 97
1
Mamela Sancta Anna,
Lithapelo tsa rona,
Re ipeha ho uena
Rona ba phutheho ena.
Chorus
Re rapelle re loke,
‘Me re Tshwane le uena;
Re sebeletse Molimo
Ka matsatsi-tsatsi.
2
Re itlama ho tela
Morena oa mafifi,
Ka ho se lule sebeng
Le ka letsatsi le le leng.
3
Re tla loantsha Satane,
Ka thapelo tsa rona;
Tse etsuoang ka mehla
Mona metsaneng ea rona.
4
Re tla kena kerekeng
Ka mehla ka Sondaha
Le ka mekete eohle,
Le hona ka nako ea teng.
5
Re lelekeng Satane
Pelong tsa batepelli
Re rapellaneng bohle
Kopanong ena ea rona.
6
Ha setho se timetse,
Re tla se amohella,
Re se kopele mohau
Se fokoletsoe mahloko.
7
Labohlano la pele
Re amohele hape
Bakeng la bafu bohle,
Le bona ba khatholohe.
8
Likoto tsa rosary
Re tla etsa tse peli,
Ka baka la ho kula
Ha setho se seng sa rona.
9
Re thuse ntat’a rona,
Mesebetsing kaofela,
A tle a re sikare,
A tle a thabe ka rona.