Close

Makhotla

Sefela 82

1
Makhotla a leholimong
A binela ka thabo
‘M’ a rona a leng letlotlong
Re kopaneng hammoho!

Chorus
Oho Maria, oho ‘M’ a rona,
Bana ba hao ka thabo
Oho Maria, oho ‘M’ a rona,
Ba u binela thoko:
Ave! Ave! Ave!

2
Har’a tsietsi tse ngata,
Tse teng mona lefatsheng,
U re thuse hle, ‘M’ a rona!
U tle, u re ntshe bobeng.

3
Pel’a aletare ea hao
Re fumana khothatso
Ka wena re fuoa mohau
Le khotso ea Molimo.

4
Ha re loantshwa ke lihele
Kapa lona letatshe
Ea leng tshepo ea rona, ‘Me
Ke uena ka sebele.

5
Ha leeto la bophelo
Le le thata ho rona,
Re talima leholimo
Hoba ua re tshelisa.

6
Lipelo tsa rona bohle,
Li rata ho leboha
Ka mehla le mehla eohle
Re tla u sebeletsa.

7
Etlare nakong e kholo
E qetellang bophelo,
Ba u binelang kajeno
Ba fuoe ea hao thuso.

Share with someoneā€¦