Close

Khotso! Thabo!

Sefela 111

Chorus
Khotso! Thabo! Thoriso!
Ho ‘Moloki ea leng ngoana;
Binang le leholimo
Sefela se secha,
A re bineng
Le mangeloi
A re bineng
Sefela se secha.

1
Ha ngoana eo a ntse a lla,
O re hlomola lipelo,
O felisa mahloko;
O re lefella sebe
Sera se re entseng hamper,
‘Me o re neha khotso
Le eena Molimo.

2
Ha lipelo li hlonama,
Li tle ho batla ho eena
Thabo le thuso ea ‘nete:
Lesang lillo tsa lona
Le mehopolo e thata;
Nyakallo e tshwanetse
Ka lena letsatsi.

3
Se luleng har’a mafifi,
Re tsamaeeng ka naleli
E supang tsela ea ‘nete,
Ke eona ea Morena,
Re e lateleng ka mehla:
Re ke ke ra lahleha
Ha re e talima.

4
Oho rato le leholo
La Morena oa ka Jesu
Ha re sa tla utloa lefu;
O re neha bophelo
Bona bo ke keng ba fela,
‘Musong oa leholimo
Ke moo re tla phela.

Share with someone…