Sefela 154
1.
Ke ne ke re ke sa iketla
Ka menate e leng mengata
E fumanoang hohle moo lefatsheng,
E isang motho melatong, sebeng.
2. ke ne ke khahloa ke mekete
Eka ke litaba tsa ‘nete:
‘Me ke ne ke titimela ho eona
Ke lule teng ke thabile ruri.
3.
Joale che, ke se ke tsebile
Menate ela e fetile;
Ka motsotso o mong feela ea feta
Ha ho sa le letho ho ‘na mona.
4.
Ke ‘ne ke battle tse sa feleng
Tse fumanoang ka Paradising;
Teng motho a ke ke a hloka letho,
Teng Molimo o thabisa pelo.
5.
Mekete ea ka e lokile
Menate eona e hloekile;
Ea lefatshe ha e joalo ba heso,
E silafatsa ea motho pelo.
6.
Hape ha ke kholoe ke eona.
Moea oa ka o ntse o lapa
O ke ke oa khora mona lefatsheng,
O batla sejo sa ‘nete, lentswe.
7.
E, lentswe la Molimo feela
Ke lona le se nang ho feta;
Re le mameleng ka pelong ka ‘nete,
Re le utloeng ka matsatsi-tsatsi.