Close

Josefa Ntat’a rona

Sefela 92

1
Josefa ntat’a rona,
Molebeli ea tsepehang,
Utloa kopo ea bana.
Ba leng mona ba u tsepang.

Chorus
Sancte Joseph, Sancte Joseph, ora, ora pro nobis

2
U ile ua baballa
Jesu le eena Maria,
U re thuse le rona
Ha re le lefatseng lena.

3
U re qelle bohloeki
Bona ba ‘mele le moea,
Hore Jesu ‘Moloki
A tle lipelong tsa rona.

4
Ka moea oa thapelo
O nong o le teng ho uena,
O isang ho Molimo
Tlatsa lipelo tsa rona.

5
Qetellong ea bophelo,
Ha re falla fatseng lena,
Re shoe re na le Jesu
Le Maria le Josefa.

Share with someone…