Close

Josefa Ntat’a rona

Sefela 92 1 Josefa ntat’a rona, Molebeli ea tsepehang, Utloa kopo ea bana. Ba leng mona ba u tsepang. Chorus Sancte Joseph, Sancte Joseph, ora, ora pro nobis 2 U ile ua baballa Jesu le eena Maria, U re thuse le rona Ha re le lefatseng lena. 3 U re qelle bohloeki Bona ba ‘mele…

Jonna! Moea oa ka

Sefela 149 1 Jonna! Moea oa ka U tsohetse’ng, u hlokela’ng khotso! Jonna! Moea oa ka U tsohetse’ng u hloka khotso, Ke khale ke ithatafatsa, Morena, ke se na ho loka, Jonna! Ke fositse! Ke lahlile tsela ea ‘nete. 2 Lefu le ntatetse, Le haufi, le batla ho ntiha; Lefu le ntatetse Ho felile masaoan’a…

Jesu oa ka, e se e le nako

Sefela 151 1 Jesu oa ka, e se e le nako; U lebale tsa rona litlolo: Khale re ntse re u loantsa; Kajeno rea rapela Jeus oa ka. 2 Oho! Ntate re u soabisitse, Re hlabile pelo ea hao hamper. Oho tlohela, re bakile; Ka ‘nete re soabile, Oho Ntate! 3 Mali a hao, oho…

Jesu lebitso

Sefela 117 1 Jesu lebitso le mosa, Tsebeng eka ke sefela, Pelong sejo se monate, ‘Me ka hanong ke linotsi. 2 Re bineng lebitso lena Le monate ‘me le matla; Le tebela Bademone ‘Me le khothatsa bakriste. 3 Puo e sitoa ho pheta Le lengoloho hlalosa; Ea utloilenga ka tseba Hore na Jesu ke’ng ho…

Jesu ke monghali

Sefela 144 1 Jesu ke monghali e motle; Ho monate ho mo rata, O lehlohonolo ka ‘nete, Ea inehetseng ho eena. 2 Basotho le se ke la tsaba Ho lumela ho Molimo, Hobane joko ea Morena E bobebe, e molemo. 3 E, lefatse le mekhoa ea teng A se ho feta kapele! Helang, le lithoto…

Jesu ka Aletareng

Sefela 26 1 Jesu ka aletareng O lebella batho Hona joale a re eeng Ho mo neha pelo Chorus Ho Molimo ea matla ‘ohle Ka tumelo a re eeng bohle; Jesu oa me, Bana ba hao Ba u boka Ba etsetse mohau E! ka mehla ho uena Molimo, Aletareng Ke tla ‘ne ke tl’o batla…

Jesu, Jesu

Sefela 170 1 Jesu Jesu ea monate Ea tlileng ho rona Lula lipelong ka mehla Ho li fepa hantle 2 Molisa u re lisetse Makhulong a matle Ha re na ho hloka letho Kalosong ea hao 3 U morara oa sebele O fepang makala Ak’u re phelise bohle Ba lutseng ho uena 4 Jesu a…