Close

Jonna! Moea oa ka

Sefela 149

1
Jonna! Moea oa ka
U tsohetse’ng, u hlokela’ng khotso!
Jonna! Moea oa ka
U tsohetse’ng u hloka khotso,
Ke khale ke ithatafatsa,
Morena, ke se na ho loka,
Jonna! Ke fositse!
Ke lahlile tsela ea ‘nete.

2
Lefu le ntatetse,
Le haufi, le batla ho ntiha;
Lefu le ntatetse
Ho felile masaoan’a ka.
Lebitla le se le ahlame,
‘Me joale ke se ke fihlile;
Oho! Uena lefu,
U ea baba ‘me u bohloko

3
Jonna! Ke entse joang?
Leholimo le letle la Ntate
Jonna! Ke entse joang?
Ke sethoto! Ke le lahlile.
‘Me joale e se le ho soaba,
Ho ile nako ea ho baka
Jonna! Ho felile!
Ke timetse hole le Ntate.

4
Oho! Monyefoli
Tsaba joale Morena Molimo.
Oho! Monyefoli
Ho fihlile nako ea soabo:
Utloa hle tsa hae lialuma;
U tla re’ng, ha u le inotsi?
Tsaba he, kajeno,
Moahloli oa batho bohle.

5
Oho! Moren’a ka,
Oho! Ntate, ke bona selemo
Oho! Moren’a ka,
Se seholo sena sa mollo.
Ke lona letsa la sulfure
Lihele, moo ho utloahalang
Lilo le lithoako,
Le li-jonna tse se nang phetho.

6
Lentsoe le se le shoa
‘Me bohloko bo se bo ntlamile
Lentsoe le se le shoa
Pelo feela e ntse e utloa.
Ka ‘nete, Ntate ea ratehang
Ea ntseng a ntebela ka mehla,
Ntate, ea ratehang,
Ea monate! Ke se ke baka!

7
Jesu Molisana,
U ntalime, ke eona nku ea hao,
Jesu Molisana
U mamele, e batla mohau.
U tsebe u e lopolotse
Ke mali a leng bokhabane,
Oho! Molopolli,
U nkhauhele! ‘Me ke tla phela.

Share with someone…