Close

Jesu oa ka ke ea tsieloa

Sefela 23

1
Jesu oa ka ke ea tsieloa
Ke tla u leboha joang na
Ka baka la neho e kholo
Eo u e entseng ho batho

Chorus
E! Sakramente e monate
Mosa oa hao ke o sele!

2
Botho le bona bomolimo
Ba Jesu bo nehoa batho
Ho e mong le e mong oa rona
O inehela kaofela

3
‘Me joale sefuba sa motho
Se fetoha ntlo ea Jesu
‘Me mobopuoa o eteloa
Ke ‘Mopi oa hae ho joang na!

4
Jesu o s’a lula ho motho
Le eena motho ho Jesu
E mo a re: Ha ke sa phela
Ke Jesu a phelang ho ‘na

5
Hojane pelo e hloekileng
Ea Maria ho ‘na e teng!
Oho Morena nka nyakalla
Ha nka u rata ka eona

6
Jesu ke uena ea tlisitseng
Mollo ho rona lefatsheng
A ko re hotetse ka oona
Re ka o rata ka mehla

Share with someoneā€¦