Close

Jesu lebitso

Sefela 117

1
Jesu lebitso le mosa,
Tsebeng eka ke sefela,
Pelong sejo se monate,
‘Me ka hanong ke linotsi.

2
Re bineng lebitso lena
Le monate ‘me le matla;
Le tebela Bademone
‘Me le khothatsa bakriste.

3
Puo e sitoa ho pheta
Le lengoloho hlalosa;
Ea utloilenga ka tseba
Hore na Jesu ke’ng ho ‘na.

4
Ba le latsoang ha ba khore,
Ke mehla ba le lapetse;
Ba le tsebang ba bolela
Lebitso la Jesu feela.

5
E, Jesu ea lakatsehang,
U Morena ea makatsang,
Mohloli ea hlomphehang
Monate o fetisisang.

6
Jesu a tsejoe ke bohle,
Ba sa mo tsebeng ba ‘matle;
Ha ba se bam o fumane
Ka lerato ba chesehe

7
Jesu, tsepo ea ba bakang
U mohau ho ba rapelang;
U mosa ho ba u batlang;
U joang ho ba u fumanang?

8
Ho monate ho nahan
Lebitso la Jesu feela.
Ha a le teng ho monate;
Pelong o feta linotsi.

9
Jesu oa me ea monate,
U ntsabisa tsa lefatse,
Lula ho ‘na, hle Morena,
Ke tla khomarela uena.

10
Jesu, tiisetsa lipelo
Tsa ba lakatsang bophelo
Ho loka le cheseho,
Litholoana tsa lerato.

11
Oh, Jesu lebitso la hao.
Lefatseng ke tsireletso
Leholimong ke moputso
Oa ba ratileng Molimo.

Share with someone…