Close

Ho Rorisoe

Sefela 172

1
Ho rorisoe ka lithoko
Jesu ea busang kahohle
Leha lira li totile
Li hloleha habonolo,
Ha ho matla lefatseng,
A mo fenyang lintoeng,
Matla ‘ohle a lefatse
Eka lipulula feela.

2
‘Me Marena a tsoatsoile
A ikhantsa, a hloleha
Hoba Jesu ke senatla
Se qhobang linatla tsohle
O nts’a rena lekhotleng
Le thehiloeng lefikeng.
‘Me makhotla a baloani
Aa khathala a ea khoehla.

3
O re bus aka grasia
Le ka lentsoe la balisa
O re susumetsa feela,
O re bonesetsa tsela.
‘Me ka ‘ona matla ao
Ke Morena lipelong.
‘Me ka tsatsi la bofelo
O tla khumamisa bohle.

4
Roma ke thoriso ea aka,
Hoba lona khotla leo
Ke la pele, ke la khale
Le hlonngoeng ke Jesu Kriste,
A sa phela lefatseng.
Lona le ka fela joang?
Hoba khoro tsa lihele
Lia sitoa ho le hlola.

Share with someone…