Ho Rorisoe
Sefela 172 1 Ho rorisoe ka lithoko Jesu ea busang kahohle Leha lira li totile Li hloleha habonolo, Ha ho matla lefatseng, A mo fenyang lintoeng, Matla ‘ohle a lefatse Eka lipulula feela. 2 ‘Me Marena a tsoatsoile A ikhantsa, a hloleha Hoba Jesu ke senatla Se qhobang linatla tsohle O nts’a rena lekhotleng Le…