Close

Ha re se re rotse

Sefela 69

1
Ha re se re rotse rosari,
Re tla rapela ‘M’a rona
‘Me re tla bona bohle, re re:
Ahe Jesu le Maria!

Chorus
Re rateng rosari,
Ke ‘nete tsa thuto.
Ke lihlaku tsa thapelo
E, ka ‘nete.

2
Jesu o n’a shoe ka motsotso,
Moea oa hae o boetse
O kene ‘meleng oa hae ruri,
O phela, o hlotse lefu.
Ka tsatsi le leng,
Re tsepile joalo,
Re tla tsohela bophelo
Bo sa feleleng.

3
‘Me Jesu a inyolosetsa
A khutlela leholimong
Leru le mo tlositse mahlong
Ho ba leletseng ho ‘mona.
Jesu ka letlotlong
O nts’a re khothatsa,
A re: Le lona le tla tla
Leholimong

4
Eaba Moea o Halalelang.
Ka tsatsi la Pentekonta
O tsolleloa ho barutuoa
Ka mokhoa o bonahalang
Ha e se ka uena,
Moea oa Molimo,
Re sitoa ho etsa letho;
Tlo ho rona!

5
Boning! Mangeloi a Molimo
A tlile ho nka Maria
‘Me a se a mo nyolosetsa
Letlotlong la leholimo.
Oho se lleng bana
‘M’a lona a le teng
Ea le rapellang moreneng
Ke Maria.

6
Jesu o nehile Maria
Mofapahloho o motle,
O makatsang mangeloi ‘ohle
Ka mahlaseli a oona.
Rosari le eona,
Ke mofapahloho;
Re e neheng ‘M’a Molimo
Ka ho ‘moka.

Share with someone…