Close

Ha Morena a fanyehoa

Sefela 75

1
Ha Morena a fanyehoa
‘M’ae o n’a eme a nts’a lla
Ka tlas’a sefapano.

2
Mahlo a seka meokho,
Pelo ea hae e bonolo
E hlajoa ke lerumo.

3
Jo! bohloko bo bokakang
Ba ‘M’a rona ea ratehang
Har’a tsee litlokotsi!

4
Bonang ‘maka mahlomola
Ha ho rohakoa, ho hlorisoa
Ngoan’a hae a inotsi.

5
Na ke mang ea ke keng a lla
Ha a bona ‘M’a Morena
Masoabing a makalo?

6
Na le ke ke la hlomoha
Ha le mo utloa a llela
A jesu matsoenyeho?

7
A ‘mona ha a shapua
Ka baka la libe tsa ka,
Lekhotleng la Pilato.

8
Ha bohle ba mo nyefola,
H’a ne a nehela moea
Holim’a sefapano.

9
‘Me ea mohau le lerato
Ke khobelloe ke bohloko
Bo robang pelo ea hao.

10
Etsa hore pelo e aka
E topeloe ke ho rata
Jesu Molimo oa ka.

11
E, ‘M’a khalalelo eohle,
Maqeba ‘oehle a Kriste
A takoe moeeng oa ka.

12
Nkarolele sekotoana
Sa mahloko a Morena
Ea shoetseng ho mpholosa

13
Le uena, ‘Me, re tla ema
Pel’a sefapano sena
Ka soabo lekhapha.

14
‘Me ka mehla ha re phela,
Re tla llela mahlomola
A jesu le Maria.

15
Movirigo ea khabane,
Pelo e aka e tla hlajoa
Ke mabote a Jesu.

16
Ke tla leka ho etsisa
Ea nthatileng ho fihlela
Sefapanong le lefung.

17
U mphumantse tsireletso,
Hammoho le chesehelo
Maling a Mora oa hao.

18
A be ho ‘na tsireletso,
Ke se ke ka cha ke mollo.
Letsatsing la kahlolo.

19
Kriste ha ke se tla shoa,
‘M’a hao a nkise ho uena
‘Musong oa leholimo.

20
‘Me ha ‘mele o patuoa,
A fihlise moea oa ka
Paradising ea khotso.

Share with someone…