Close

Letsatsi le letle

Sefela 159 1 Letsatsi le letle ke lena La mokete o thabisang, Joale metsi a halalelang A tshetsoe phatlang tsa rona. Chorus Oho, Ntate kea itumela, Ke lumela thuto ea hao eohle Le melao ke tla e sebedisa; Nke ke ka e lebala, Che, le khale-khale Khale-khale, khale. 2 Ke lumela Molimo o mong, Bapersoneng…

Lona le llela’ng

Sefela 102 1 Lona le llela’ng meokho, Bana ba fatshe lena? Kanthe ha le tsebe lillo Tsa banab’abo lona. Chorus Bakriste, le se lebale Bona ba tsamaileng; Le mellong ea purgatory Ka thapelo le ba ntsheng. 2 Lefu ha le nkile batho Le is aba bang mollong Moo ho hloekisoang melato E tshajoang leholimong. 3…

Letsatsi la kajeno

Sefela 40 Letsatsi la kajeno ha le se le likela, Oho pelo ea Jesu, ke tla ho uena. Ka mehla le mehla u tla ba tshepo ea ka; Ke moo ke u ballang lerato le matla, Lerato le matla. Chorus Mamelang hle, mamelang hle, mamelang hle Mangeloi a Molimo, Utloang bohle, utloa bohle, Utloang bohle,…

Letlotlo lohle

Sefela 48 1 Letlotlo lohle le isoe Ho Kriste Morena, Ka nako tsohle le hohle Ke batho kaofela. Chorus Oho Kriste Moren’a mosa, Busa tsohle lipelo; Kelello le eona thato, Re u neha tsona. 2 U filoe lichaba tsohle Ho ba lefa la hao A li ke li u mamele, Ka tsohle linako. 3 Li…

Lenyalo

Sefela 101 1 Lenyalo ke Sakramente E behiloeng ke Kriste; Ke boitlamo bo thata, Bo se nang ho lokolloa. Chorus Ba thuse, oho Morena, Ho phetha kano tsena; Le ho jara ka mamello, Boima ba lenyalo. 2 Ak’u hlohonolofatse Banyali bana, Kriste! Ba kenang tlamong tse thata, Ba thuse hle ba tiee. 3 U n’u…

Lefu la Sefapano

(Misteri ea 1) Serapeng sa Getsemani Jesu a batla a e-shoa, A nts’a hlomohile hamper Ke melato ea rona; Likhororo tse joaloka Marotholi a mali Tsa keleketla ho eena ‘Me tsa rothela fatshe. (Misteri ea 2) Oho lona babolai Lesang ho otla Jesu: Na le mo etsetsa’ng hampe? Ha a na le molato. Ke lona,…

Le nteseng

Sefela 68 Le nteseng ke be inotshi, ‘Me ke tla itelela Ka baka la matlokotsi, A Jesu Moren’a ka; Joale ke se ke habela Ho phelela Molimo, Hobane o na re shoele

Lena ke letsatsi

Sefela 133 1 Lena ke letsatsi la hlolo La letlotlo la Morena, Ke mokete oa nyolohelo Ea molopolli oa rona. Mosebetsi o phethahetse ‘Me o re ntshitse tahlehong. ‘Me joale o siea lefatshe O boela leholimong. 2 O fetile har’a mahloko Nyefolo le mahlomola; O fetile har’a litshomo Tsa lefu le tsa lebitla. Bohle ba…

Lumela, ‘Me

Sefela 81 1 Lumela ‘M’e ea hloekileng Re amohele ka mosa Re tlile ka aletareng Ho inehela uena Chorus Rorisang, rorisang Bitso la Maria 2 Ka nqa tsohle se teng sera Se ratang ho re bolaea Maotong a hao a matla Sebatana see sea shoa 3 Flakeng ea hao, rona bohle Re loanela ka matsatsi…