Sefela 100
1
A re rokeng ba Uganda
Bo martiri ba lefatśe la Afrika
Bo mofuta oa rona ba matla
Bo Mathiase Morumba
Le sehlopha sa bona
2
Eeang le rute ba lichaba
Ba hlatsoeng ka lebitso
La Ntate, Mora le Moea
Ke taele ea Jesu Baganda ha ba e utloa
Ba e nka ka potlako
3
Eare ba sa tsoa lumela
Moo tumelo e namang
Mofere-fere oa tsoha
O mobe o tśabehang
O batlileng o felisa
Palo ea ba dumelang
4
Mamelang ha re le joetsa
Tsa polao ea bona
Ka bohale ba laeloa
Ke Morena oa bona
Ho lahla thuto ea bona
Empa bona ba hana
5
Morena a ja bohale
A b’a rera sehlõho
A ba hlokofatsa hampe
Ba chesoa har’a mollo
Ba bang ba chesoa mane
Ralleng la Nomugongo
6
Ba mashome a mabeli
A metso e le ‘Meli
Ba bolaoa bomartiri
‘Me ba paka ka Mali
Tumelo ea bona ruri
Ka ho shoela bohloeki
7
Ke tseo he lithakangoaha
Tsa fatśe la Afrika
Re ba kopeng ho re thusa
Hore re be linatla
Tumelong ho ba etsisa
Ka mehlala ea bona