Close

A re neheleng

Sefela 167

Chorus
Oho makgotla a leholimo
A re bineng le lona lifela.
A ho rorisoe Mor’a Molimo
Sanctus, Sanctus, Sanctus Hosanna!

1
A re neheleng ka thabo.
Ho Molimo limpho tse ntle
Ho re a re hauhele
A re tlatse grasia
Jesu fetola nyehelo tsena tsa rona Kajeno

2
Moprista o tsoakanya
‘Metsi le veine ‘moho
Re kopeng ka chesehelo
Ho kopanngoa le Molimo
Jesu re kopa ka pelo Tsohle tsa rona kajeno

3
Sefateng sa sefapano
Jesu o re shoetse ruri
Ka ho etsa sehlabelo
Se tlosang melato eohle
Jesu, Mohloli oa lefu
U re etele kajeno

4
Ka mohlolo o moholo
Jesu o tla hlaha hape
Ha Moprista a bolela
Mantswe ao a selallo
U re mamele hle, Jesu Ha re hlahisa likopo

5
Molopolli ea mohau
U nts’u etsa sehlabelo
Sona seo sa Kalvari
Leha u sa tsolle mali
U re hopole hle, Jesu
Sehlabelong se sekalo

Share with someoneā€¦