Close

Re filoe morapelli

Sefela 99

1
Re filoe morapelli
Ea tlang ho re thusa:
a re mo tshepeng ruri,
Hobane o mosa.

Chorus
Oho hle Theresia
Mothusi ea matla;
Re tla ho uena bohle,
Ak’u re rapelle.

2
Sireletsa Kereke
Litsietsing tsohle;
Thusa Morena Papa
Le balisa bohle.

3
Thusa maren’a rona
A buse ka toka,
‘Me a be lisupiso
Tsa ba ‘ona batho.

4
Sireletsa ba bacha
Ba phehelle botleng;
Re pheme le maraba
A isang bokhopong.

5
Hoopla le bakriste
Ba lefatshe lohle,
Ba phelang ka mahloko
Re qelle mamello.

6
Limishone le tsona
Li u lebeletse,
Li re u tl’o li thusa
Li tle li atlehe.

7
Se lebale likolo
Le liseminari,
Li hloiloe haholo
Ke Makomunisi.

Share with someone…